Botrinitas

Botrinitas, mohlolo o moholo!
Kutloisiso e hloloa ke uena,
Hlalosetso ha e tsejoe ke motho
Re adore re lumele feela.

Botrinitas bo halaleng ruri
Re hloloa ho utloisisa,
Empa feela ka tumelo ea nnete
E, ka mehla re tla u lumela.

Molimo Ntate le Molimo Mora
Le tshoana ka boholo le botle,
‘Me le na le Molekane oa lona
Ke oona Moea o bokhabane.

Leholimong, lona boserafime
Ha le phetse ho boka Molimo,
Le ‘mineleng, bakeng sa rona bohle
‘Mineleng ka mehla, ke tshoanelo.

Mane, ‘musong oa Morena ea Mosa
Re tla ‘mona kamoo a leng kateng,
Le ha mona, re le hole le eena
Ka lipelong re ke re mo rateng.

Botrinitas u utloe lithapelo
Tse etsioang hona moo lefatsheng,
U re nehe lerato le tumelo
Re tle re u bone paradising.

 

Leave a Reply

Binang Bakriste

28/03/2018

Cecelia

28/03/2018