Oho Jesu ea leng mosa
Oho Jesu ea leng mosa
Joale rea u rapela,
U re romele kapele,
Moea o leng Motselisi.
|: Ahe! Morena Molimo oa rona
Rea u hloka, rea u rata. : |
Ha u nts’u phela lefatseng
Le rona re le tsietsing
U ile ua re tselisa
Ka ho re batlela Moea.
Joale u le leholimong,
U so u lutse letlotlong
U se ke ua re lebala
‘Me u re romele Moea.
Rea tseba, ua re rata,
Empa re ntse re fokola
U se ke ua thiba Moea
Ka baka la bobe bona.
Ke Moea o Halalelang
Ruri o re matlafatsang;
Ka oona re tla phehella
U mo romele ho rona.
Moabi oa ligrasia
Ka ‘nete ke oona Moea;
Re tla leleka meleko
Ha u re fle lineho.
Oho! Moea oa Molimo,
Re u boka ka teboho
Lula ka pelong tsa rona
Hoba ke moo li tla hloeka.