Oho Pelo ea Jesu

Oho Pelo ea Jesu,
Pelo ea Morena,E monate, e matla,
Oho Pelo ea Jesu, U re amohele kajeno.

Rona bahlanka ba hao Morena
U re fe matla, re tla u sebeletsa,
Re u rorise ka ketso tse ntle,
Ho fihlela lefu la rona.

Oho Pelo ea Jesu,
Re ntse re tsekisoa, ‘me re loantsoa ke lira
Oho Pelo ea Jesu, U re sireletse kajeno.

Oho Pelo ea Jesu,
Re ntse re fokola re ema har’a tsela,
Oho Pelo ea Jesu, U re matlafatse kajeno.

Oho Pelo ea Jesu,
Re na le melato e silafatsang pelo.
Oho Pelo ea Jesu, Tlo u re hloekise kajeno.

Oho Pelo ea Jesu,
Re se re tsabela ka ho uena Morena,
Oho Pelo ea Jesu, U tla re loanela kajeno.

Oho Pelo ea Jesu,
Re tlile ho uena hoba rea u tsepa,
Oho Pelo ea Jesu, Re se re le ba hao kajeno.

Leave a Reply

Inhliziyo kaJesu

23/07/2017