A re neheleng ka thabo
A re neheleng ka thabo
Ho Molimo limpho tse ntle,
Hore a re hauhele
A re tlatse ka grasia
Jesu, fetola nyehelo
Tsena tsa rona kajeno!
Moprosita o tsoakahanya
Metsi le veine ‘moho
Re kopeng ka chesehelo
Ho kopanngoa le Molimo!
Jesu, re kopa ka pelo
Tsohle tsa rona kajeno!
Sefateng sa sefapano
Jesu o re shoetse ruri
Ka ho etsa sehlabelo
Se tlosang melato eohle
Jesu, Mohlodi oa lefu,
U re etele kajeno!
Ka mohlolo o moholo
Jesu o tla hlaha hape
Ha Moprista a bolela
Mantsoe ao a selallo
U re mamele hle, Jesu,
Ha re hlahisa dikopo!
Molopolli ea mohau
U nts’u etsa sehlabelo
Sona seo sa Kalvari
Leha u sa tsolle mali,
U re hopole hle, Jesu,
Sehlabelong se sekalo