A se lethabo ka kajeno!
A se lethabo ka kajeno! Leha ke le moetsalibe!
Ke tla amohela Jesu O s’a e-tla ho ‘na ke ‘nete.
U phakise, Oho Morena,
ke eona takatso ea ka.
Tumelo e s’e ntlisitse, pel’a hao, oho Molopolli,
Kahobane ke lumetse,pelaelo ha e eo ruri.
Ka moea kea u bona, ke se ke u neha hlonepha
Ruri kea u adora, ke ntse ke re: E, u Molimo.
Joale kea thothomela, ha ke atamela ho uena,
Ke ntse ke re: motho feela o amohela joang Morena.
Ke na le libe tse ngata, moea oa ka o tletse tsona;
O nthuse ho li soabela ke kopa tsoarelo ho uena.
Ke behile tsepo ea ka- ho uena, Jesu ea monate;
Ka uena ke tla ba matla, ke hlole sebe le lefatse.
Kea u rata, Morena, leha ke ntse ke u fosetsa;
Oho! tiisa pelo ea ka, ke tla khoomarela ho euna.
Tlo, joale, Morena Jesu, tlo, u buse ka pelong ea ka.
Tlo, uena ea hlotseng lefu, tlo, o hlole le ka ho ‘na.
Oho Jesu Moren’a ka! Ha ke natse bophelo bona,
Ke batla bo bong ho uena, ke batla bo se nang ho fela.