Ahe! Ahe! Kriste Morena
Ahe! Ahe! Kriste Morena
Bohle ba u tlotlise kajeno.
Toko le thoriso ho uena,
U leng ‘Moloki oa batho.
U buse, u laele,
Hohle fatseng lena;
Bohle ba u mamele,
Kriste Moren’a ka!
U Morena ka tsoalo ea hao,
Ke uena Mong’a bopuoa tsohle,
Hobane u Mor’a Molimo
Ea renang lefatseng lohle.
U Morena hoba u hlotse
Lefu, sebe matla a lihele;
Mali a hao a bokhabane
Ruri a re pholositse.
E, Morena oa leholimo,
Moo u lutseng le Ntate le Moea,
U buse teng ‘musong oa khotso
Busa joalo le ho rona.
Busa hle, meea le lipelo,
Tsa Mafrika a ratoang ke uena!
‘Me chabeng tsena tsa Afrika
U rene, Kriste Morena