Movirigo ea bohlabane

Movirigo ea bohlabane,
naleli mphatlalatsane,
Uena ea senang le sekoli,
Ahe, ahe, ‘M’a ‘Moloki.

U mamele lithapelo tsa rona
U litsatse maneho Molimo;
O ho uena ‘Me ea lehlohonolo,
U tle u loantse lira tsa rona.

Uena thabo ea Israele,
U thoriso ea bakriste,
Tsabelo sa baetsa-libe,
U khobile bakhelohi.

Sohle sechaba sa Basotho
Ka uena se bone Jesu,
Se fumane lehlohonolo
La ho tseba tsa Molimo.

Maria, ke lebitso la hao;
Ke la mosa le la mohau;
U leqosa la batho bohle;
Le phallang ha le bitsitsoe.

Leave a Reply

Oho Movirigo

25/08/2017

Ke tla 'mona

25/08/2017