Thoriso, lerato
Thoriso, lerato, hlolo, hape letlotlo,
Ke lena letsatsi la thabo ea ‘nete;
Jesu o tsohile; lefu le se le hlotsoe;
Ho eena le Maria ho bineloe dithoko.
Jesu o tsohile, o tsohile bafung
Ka letsatsi lena kamoo a n’a boletse,
E, Morena Jesu, Monghadi oa lefatse
A ka sitoa ho dula lefung.
E sa le ka meso mongeloi a matle
A fihla lefatseng, ‘me a dula lebitleng;
A re ho basadi: Bolellang barutuwa,
Le re: Morena o tsohile.
Na Mor’a Modimo ea se nang le sebe
A ka tlamuwa joang ka ditlamo tsa lefu?
Lefu le tsoanela batho ba molato,
Ke kotlo ea bona ka nnete.
Jesu o tsohile, re se re utloile
Barutuwa ba hae, re ke re beng le tsepo,
Re tla tsoha ruri ka tsatsi la bofelo,
Ha re phetha melao eohle.