Jesu, lebitso
Jesu, lebitso le mosa,
Tsebeng eka ke sefela,
Pelong seno se monate,
‘Me ka hanong ke dinotsi.
Re bineng lebitso lena
Le monare ‘me le matla;
Le tebela Bademone
‘Me le khothatsa bakriste.
Ba le latsoang ha ba khore,
Ke mehla ba le lapetse;
Ba le tsebang ba bolela
Lebitso la Jesu feela.
E, Jesu ea lakatsehang,
U Morena ea makatsang,
Mohlodi ea hlomphehang
Monate o fetisisang.
Jesu a tsejoe ke bohle,
Ba sa mo tsebeng ba ‘matle;
Ha ba se ba mo fumane
Ka lerato ba chesehe.
Jesu, tsepo ea ba bakang
U mohao ho ba rapelang;
U musa ho ba u batlang;
U joang ho ba u fumanehang.
Ho monate ho nahana
Lebetso la Jesu feela
Ha e le teng ho monate
Pelong o feta linotsi.
Jesu oa me oa monate
U ntsabisa tsa lefatse,
Lula ho ‘na, hle Morena,
Ke tla khomarela uena.
Jesu, tiisetsa dipelo
Tsa ba lakatsang bophelo
Ho loka le cheseho,
Ditholoana tsa lerato.
Oh, Jesu lebitso la hao
Lefatseng ke tsireletso
Lehodimong ke moputso
Oa ba ratileng Modimo.