Konyana ea Molimo
Konyana ea Molimo,
E se e le ena
E mosa e bonolo,
E tla ho rona.
Molisa e motle,
Ke eena enoa,
Motsoalle oa mehla,
Ke eena hape.
E, ke Ntat’a batho,
Mong’a lineho
Me ke leholimo,
Hoba ke Jesu.
Ke bona bohobe
Ba leholimo;
O na le bophelo,
Ea bo jang hantle.
Ke eena Molimo,
Molimo oa ka,
Ke eena Morena
Oa leholimo.
Ere ha a hlaha,
Ke utloa pelo
E se e re futhu,
Ke Jesu oa ka.
Oho Banab’eso!
Tsietsing tsohle
Re keng re baleheng,
Re eeng ho Jesu.
O sa re khothatsa,
A re: “Se tshabeng!
Ke hlotse lefatshe,
ke na le lona.”