Bana, mamelang

Bana, mamelang, na le nkekela’ng na?
Kea le botsa, le ntloheletse’ng na?
Leha ke shoetse lona
Le ntsoabisa kamehla.
Bana ba ka, le khutleleng ho ‘na.

‘Me pelo ea ka, ha e sa le e lla
Ka nako tsohle, e qela lerato;
Le buselletsang la ka;
Empa e nehoa feela.
Mohoalotso, tebelo le hloeo.

Lerato la ka bohle baa le tseba,
Meokho ea ka ba ntse ba e bona;
Bakeng sa ho ntsedisa,
Ba phehella ho ntoantsa
Ba mathela tahlehong ya bona.

Ke tla etsa joang hore le nthate na?
Tlas’a dikotlo, ka na ka robeha,
‘Me ka hlatsoa ka madi
Dibe tsohle tsa lona;
‘Me kajeno le ntlhaba pelo.

Na le sa batla’ng? Ke boele ke shoe
Ka lefu le leng la sefapano na?
Se lebaleng mahloko
Ao ke neng ke a jere.
Bana ba ka, ho pholohe lona!

A re eeng bohle ho tsedisa Jesu
Ea re ratileng ho fihlela lefung
Ka soabo le lerato
Re hlakole meokho
Re kokobetse mahloko a pelo.

 

Leave a Reply

Bakriste thabelang

13/10/2018