Molimo o s’a utloile
Molimo o s’a utloile
Lillo tsa ba hlophehileng;
Kajeno hle! li felile,
Ke thabo e phethehileng!
Ahe! Ngoana oa Maria!
U hlotse lefu! Ua phela!
Alleluya! Alleluya!
Alleluya! Alleluya!
O hatakeletse fatse
Satane ea hapiling batho;
Joale o ba lokolotse
Ka linaleng tsa Ralefu.
Mali ‘ohle a Konyana
A n’a tsolohele fatse;
Ke ha topollo e phethoa
Ea bohle baetsalibe.
Oho! Jesu, ha re phela
Ke hobane u re shoetse;
Le joale u re fe matla
Re tsebe ho hlola sebe.
Oh! Paseka ea rona!
U re hule hamonate,
Re fetele ka ho uena,
Re lule re tiisitse.
Me letlotlo le lekanang
Le nehoe Ntate le Mora
Le Moea o Halalelang
Hona joale le ka mehla.