Oho ngoaneso
Oho ngoaneso, u ee ka khotso
Ho ‘Mopi oa hao ea u bitsitseng kajeno;
U s’u phethile la hao leeto,
U tla phomola ka eohle mehla.
Uena u tsoile tsietsing tsena
Tsa fatse lena, u phethile thomo ea hao;
U s’u ea mane motseng oa khotso,
Motseng o motle le oa phomolo.
E, re bohloko, re lla meokho,
Ka lefu la hao, hoba u re amohiloe,
Ho etsoe thato ea ‘Mopi oa hao,
‘Me e rorisoe ka mehla eohle.
Tsamaea hantle, oho motsoalle,
U boele hae, re roballe mo lebitleng,
U tlo u tsohe ka la bofelo
Mohl’a kahlolo ea batho bohle.
O Maria, uena ‘M’a rona,
Ak’u mo thuse a tsoe kapele mahlokong;
A kene thabong ea leholimo,
Moo a tla lula le bakhethuoa.