Re bineng Mikael
Re bineng Mikael ea matla
Khosana ea leholimo:
O hlotse lira tsa Morena,
Ahe! Tona ea Molimo!
Mikael o hlotse ka ‘nete
Drakone eo e tsabehang
E boletsoeng ke Evangeli,
E matla a fetisisang.
Mohla Satane ea bohale.
A ikhantsetsang Molimo
Mikael a ema kapele
Le mangeloi a molemo.
Ke mang ea joaloka Molimo
ke polelo ea khosana;
‘Me satane ea boikantso
A hloloa ke lentsoe lena.
Eaba mangeloi a molemo
A putsoa ke leholimo;
Empa lihele le tahleho
Tsa otla ‘ona a khopo.
Oho, Mikael ea monate,
Mothusi ea bokhabane
U re loanele hle, Morena,
Re tla u leboha bohle.
Lira tsa bakriste li ngata,
Li matla a fetisang;
Athe rona rea fokola,
Re ka balehela ho mang?
Re behile tsepo ea rona
Mathohong a hao, khosana;
Oho, Mikael ea leng matla,
U re thuse lintoeng tsena!