Ho rorisoe ka dithoko

Ho rorisoe ka dithoko Jesu ea busang kahohle Leha dira di totile Di hloleha habonolo, Ha ho matla lefatseng, A mo fenyang dintweng, Matla ‘ohle a lefatse Eka dipulula feela. ‘Me Marena a tsoatsoile A ikhantsa, a hloleha Hoba Jesu ke senatla […]

Kriste ke Morena

Kriste ke Morena oa rona Re thaba ha re mo hopola Re batla eena linthong tsohle. O tla busa o tla hlola. Re batla Kriste hohle Re phelela eena O tla rena mafatseng ‘ohle Hoba ke eena Morena Hore a buse pelo […]

Re ke re bineleng

Re ke re bineleng ka thabo Ba ahileng lehodimong Bo-ntat’a rona ka tumelo Ba amohetsoeng letlolong. Re bineng hammoho ba ileng ho Modimo Morena oa rona o ba entse Bakhethoa, Ba tla ithabela, ‘musong oa lehodimo, Ba tla iketla teng ka mehla […]

Mamela Sancta Anna

Mamela Sancta Anna, Dithapelo tso rona, Re ipeha ho uena Rona ba phutheho ena. Re rapelle re loke, ‘Me re tsoane le uena; Re sebeletse Molimo Ka matsatsi-tsatsi Re itlama ho tela Morena oa mafifi, Ka ho se lule sebeng Le ka […]

Re filoe morapelli

Re filoe morapelli Ea tlang ho re thusa: A re mo tsepeng ruri, Hobane o mosa Oho hle Theresia Mothusi ea matla; Re tla ho uena bohle, Ak’u re rapelle. Sireletsa kereke litsietsing tsohle; Thusa Morena Papa le bellisa bohle. Thusa maren’a […]

Lenyalo

Lenyalo ke Sakramente E behiloeng ke Kriste; Ke boitlamo bo thata, Bo se nang ho lokolloa. Ba thuse, oho Morena, Ho phetha kano tsena; Le ho jara ka mamello Boima ba lenyalo. Ak’u hlohonolofatse Banyali bana, Kriste! Ba kenang tlamong tse thata, […]