Mamela Sancta Anna

Mamela Sancta Anna,
Dithapelo tso rona,
Re ipeha ho uena
Rona ba phutheho ena.

Re rapelle re loke,
‘Me re tsoane le uena;
Re sebeletse Molimo
Ka matsatsi-tsatsi

Re itlama ho tela
Morena oa mafifi,
Ka ho se lule sebeng
Le ka letsatsi le le leng.

Re tla loantsa satane,
Ka thapelo tsa rona;
Tse etsuoang ka mehla
Mona metsaneng ea rona.

Re tla kena kerekeng
Ka mehla ka Sontaha
Le ka mekete eohle,
Le hona ka nako ea teng.

Re lelekeng Satane
Pelong tsa batepelli
Re rapellaneng bohle
Kopanong ena ea rona

Ha setho se timetse,
Re tla se amohella,
Re se kopele mohau
Se fokoletsoe mahloko

Labohlano la pele
Re amohele hape
Bakeng le bafu bohle,
Le bona ba khatholohe.

Dikoto tsa rosari
Re tla etsa tse pedi,
Ka baka la ho kula
Ha setho se seng sa rona.

Re thuse Ntat’a rona
Mesebetsing kaofela,
A tle a re sikare,
A tle a thabe ka rona.

 

Leave a Reply

Re filoe morapelli

22/09/2018

Re ke re bineleng

22/09/2018