Ke tla ‘mona
Ke tla ‘mona ‘M’a rona ea ratehang,
Pelo e se e utloa monate.
E, u mosa ‘me u motle hakakang,
U fetoa ke Molimo a ‘notsi
Oho Maria ‘M’a Jesu,
Ke tla ba leholimong ha eso le uena.
Oho Maria ‘M’a Jesu,
Ke tla ba leholimong ha eso le uena.
Ke fela ke mo rata haholo hle,
‘Me bitso la hae lea nkhahlisa.
Ke sefela se monate, se setle;
Ka hanong ke ntse ke se bolela.
‘Me ka batla se tsoanang le Maria,
Ke talima lefatseng kahohle;
Empa che ke sitoa ho se fumana;
Ke mohlolo ho mangeloi ‘ohle.