Ahe ‘Me oa Lesotho

Ahe! Ahe! Maria oa Lesotho
Ahe! Ahe! Ahe Mofumahali

Ahe ‘Me oa Lesotho
Ea mosa, ea lerato,
Re tlile ka lithoriso.
Mamela thoko tsena,
Oho hle li fetisetse,
Ho Mora oa hao ea ratehang.

Oho ‘Me ea ratehang.
U ile ua etela
Balisana ba leng bararo
Ho kopa maitelo.
U re fe moea oa hao hle,
Oa tefelo le thapelo.

Maria ea monate,
Re u fa lirosari.
Re tlile ka ho rapella
Kereke ea Molimo.
E thuse, e atlehise
Hona joale le ka mehla.

Re tlile ho uena ‘Me
Ka pelo tse soabileng.
Kajeno u re tśoarele
Hobane re sitetsoe
Mor’a hao, Jesu oa rõna,
Molopolli ea ratehang.

U utlwe ‘Me ea mosa
Bakriste ba leng mona,
Ba tlileng ka matśeliso
Ho tlosa mahlomola.
Ka pelong ena ea hao ‘Me,
E hlabiloeng ke marumo.

Mamela ‘Me ea mohau,
Lipina tsa lerato,
Tseo bana ba hao kajeno,
Ba u binelang tsona.
Ke thabo le nyakallo,
Le lerato le leholo.

Maria, u rapelle
Basotho bana ba hao,
Ba rate Molimo feela,
Ba lahle masaona.
Ba phele le ka bohloeki
Bo kang ba hao bo tsotehang.

Bakriste ba teng mona
Le kope ligrasia
Ho eena Mofumahali
Maria oa Fatima,
Ea tlileng mona ho rõna
Ho re neha limpho tsa hae.

Basotho bana ba hao,
Oho ‘Mè oa Lesotho,
Ba rata ho u leboha,
Ka ho tla hona ha hao.
Oho hle u amohele
Liteboho tsa Bakriste.

Ho uena ‘Me Maria
Re tlile ho u nehela
Bophelo bohle ba rõna.
Kajeno amohela
Liketso tsa Bakriste bao
Ba inehang pelong ea hao.

Leave a Reply

Ndikuthembisa

03/02/2018