Utloang bohle
Utloang bohle!
Badisanaa; tsohang kapele,
Modimo o theohile
Ho ka ba hobe ho robala
Tsohang! Jesu o theohile.
Ke eena mong’a lintho tsohle
O hopotse ba lefatse;
O s’a tlare pholosa bohle
Re se k era shoela sebeng.
Pholoho ena ke ea ‘nete:
O ntse a tsoana le rona;
O nkile bopeho sa sebe,
Ho se lefela ka matla.
Ha a qala feela ho phela
O qala ho ba bohlokong;
O tla tsamaya tseleng ena
Ka mehla ho isa lefung.
Letlotlo le be ho Modimo
Lefatseng le mahodimong,
A re leboheng hle lerato
Le sa fetoeng ke la e mong.