Jesu ka aletareng

Jesu ka aletareng o lebella batho Hona joale a re eeng Ho mo neha pelo. Ho Molimo ea matla’ohle Ka tumelo a re eeng bohle! Jesu oa me, Jesu oa me, Bana ba hao, Bana ba hao Ba u boka, Ba u […]

Re hlonepheng!

Re hlonepheng! Re adoreng! Eena, Jesu oa rona, Re hlonepheng! Re adoreng! Ke eena Morena. Molimo ea mosa, O tlile ho rona, o tiisa thabo, O felisa lillo. O felisa lillo. Ho eena hle lifela tsohle Leholimong le le fatseng A re […]

Oho ke khotso

Oho ke khotso e kakang ka ho’na Ke nyakallo e monatenate; Ke sa tla amohela Molimo oa ka Tlohang ho’na lona ba lefetse. A se lethabo, lehlohonolo; Aletareng, o s’atlile Jesu, ‘Me pelong ea ka ka letsatsi lena Ke tla mo amohela […]

Thota ena

Thota ena ke thota e khethileong Ke sebele, ke ntlo ea Molimo; Le menate eohle ea leholimo Ke hona moo re e abeloang teng. Oho! bohobe ba bophelo! Ka uena, ke tla ba lehlo’nolo, Ka uena, ke tla ba lehlo’nolo. Khutsang, lona […]

Sanctuari

Sanctuari ena e lume Ke lifela tse monate Bohle mona ba iphelise Jesu o s’a tlile ruri. O hona mona aletareng Ha a bonoe, o siretsoe Ke sebopeho sa bohobe, ‘me ke Eena ka sebele. Konyana e hlokang sekoli, Lerato le u […]

Oho Jesu! Re lebala

Oho Jesu! Re lebala bohloko Rea ithabela Ha u lutse mona ho rona Oho lerato lefetisang! Ka mehla u inehela rona U re biletsa Sejo sa bophelo se sa boleng. Oho! Morena, bana ba hao Ba u boka ba sa iketsise, Le […]

Tlo Moea o Halalelang

Tlo Moea o Halalelang, Tlo moea o Halalelang, Tlo, Mong’a lipelo! Hotetsa lipelo tsa rona. Re se re tla utloa polelo tsa hao, Ke tsa’nete, ‘me ke tsa bophelo, Li re bontsa tsela ea poloho; Thusa, thusa re utloe thato ea hao. […]

Tlo hle, Moea o Halalelang

Tlo hle, Moea o Halalelang,Molimo oa leseli,U tlatse ba u rapelangLineho tsa nnete.U tlatse ba u rapelangLineho tsa nnete. A ko u re nehe bohlaleBo rorisang leholimoHore Molimo a inotsiE be oa rona monono. U re nehe le kutloisiso,Moea o tle o […]

Konyana ea Molimo

Konyana ea Molimo, E se e le ena E mosa e bonolo, E tla ho rona. Molisa e motle, Ke eena enoa, Motsoalle oa mehla, Ke eena hape. E, ke Ntat’a batho, Mong’a lineho Me ke leholimo, Hoba ke Jesu. Ke bona […]