Binang Bakriste

Binang Bakriste! Binang ka thabo Pela Jesu Kriste, hoang lithoko. Lefatshe le phetse binang kajeno Teboho ea ‘nete e be ho Jesu. Moshoeli oa rona o tsoa lebitleng O re neha matla a ho tsoa sebeng. O sa hlotse lefu re ba hae bohle ‘Me […]

Batho re thabile

Batho re thabile joale Ho hlahile taba e ntle Morena o re hopotse O re ratile ka ‘nete Tsatsi la hae le chabile Le tshelisa basa boneng, Le tiisa ba fokotseng, Ke tshepo ea batho bohle. Jesu ka letsatsi lena Ke leseli […]

Bakriste re loantseng

Bakriste re loantseng lira tsa rona tsohle, Re tla li hlola hang bana ba Maria; E, re ‘mitseng mona lefatseng la mahloko; Ke eena ‘M’a Jesu, ke eena ‘M’a batho. Mofumahali oa hlolo, U hlotse lihele tsohle; Re etseng hammoho hle, Sefela […]

Bakriste a re beng le tshepo

Bakriste a re beng le tshepo E nolofatsang bohloko; Re talingoa ke leholimo Le re etselitseng mohau. Lebitso la Movirigo Le se le tsejoa ke rona: Ke la ‘M’a rona Maria, Ke eena ka ‘nete Mofumahali oa hlolo. Ka mehla le mehla […]

Ahe Maria

Ahe Maria, Ahe Maria Ea senang sekoli Tshepo ea balumeli Ahe Maria, Maria. Mè ea senang sekoli Uena ‘M’a’Mokoli. Re qelle bohloeki Ba mmele le ba moea. Oho ‘Ma Baapostola Re qelle cheseho Le matla a moea Ho phetha litśoanelo. Re loanele, […]

Ahe ‘Me oa Lesotho

Ahe! Ahe! Maria oa Lesotho Ahe! Ahe! Ahe Mofumahali Ahe ‘Me oa Lesotho Ea mosa, ea lerato Re tlile ka lithoriso Mamela thoko tsena Oho hle li fetisetse Ho Mora oa hao ea ratehang Oho ‘Me ea ratehang U ile ua etela […]

Ahe ‘Me oa Lesotho

Ahe! Ahe! Maria oa Lesotho Ahe! Ahe! Ahe Mofumahali Ahe ‘Me oa Lesotho Ea mosa, ea lerato, Re tlile ka lithoriso. Mamela thoko tsena, Oho hle li fetisetse, Ho Mora oa hao ea ratehang. Oho ‘Me ea ratehang. U ile ua etela […]

Mofumahali oa Fatima

Mofumahali oa Fatima Ahe! Oho ‘M’a ligrasia A ku re rapelle kajeno Uena tśepo ea batho A re eeng ho ‘M’a grasia Re eeng Pelong eo e mosa Ea Maria ‘M’a Molimo Eena tśepo le bophelo

Ke tla ‘mona

Ke tla ‘mona ‘M’a rona ea ratehang, Pelo e se e utloa monate. E, u mosa ‘me u motle hakakang, U fetoa ke Molimo a ‘notsi Oho Maria ‘M’a Jesu, Ke tla ba leholimong ha eso le uena. Oho Maria ‘M’a Jesu, […]

Movirigo ea bohlabane

Movirigo ea bohlabane, naleli mphatlalatsane, Uena ea senang le sekoli, Ahe, ahe, ‘M’a ‘Moloki. U mamele lithapelo tsa rona U litsatse maneho Molimo; O ho uena ‘Me ea lehlohonolo, U tle u loantse lira tsa rona. Uena thabo ea Israele, U thoriso […]