Jesu ka aletareng

Jesu ka aletareng o lebella batho, Hona joale ha re eeng ho mo neha pelo. Ho Molimo ea matla ohle Jesu oa me, Jesu oa me Bana ba hao Ba u boka Ba etsetse mohau. Mohlolo oa mehlolo taba e sa tsejoeng, Ka […]

Hlatsuong

Hlatsuong ke ne ke itlame Ka re ke eena Morena ka, Ka ikhethela ‘Moloki Le kajeno ke sa pheta. Ke sa itlama le joale Ka hore ke oa hao Kriste Ho na joale ho ea lefung. Ke lumela linnete tsohle Tse rutoang […]

Cecelia

Cecelia, Cecelia u s’u fihlile joale Khanyeng e sa feleng, u rapelle ba leng tekong Ba tle ba fihle thabong. Cecelia o n’a re tsatsing la lefu la hae Masole a Molimo furallang tsa mafifi Aparang hle lihlomo lihlomo tsa lona Lihlomi tsa leseli. […]

Botrinitas

Botrinitas, mohlolo o moholo! Kutloisiso e hloloa ke uena, Hlalosetso ha e tsejoe ke motho Re adore re lumele feela. Botrinitas bo halaleng ruri Re hloloa ho utloisisa, Empa feela ka tumelo ea nnete E, ka mehla re tla u lumela. Molimo […]

Binang Bakriste

Binang Bakriste! Binang ka thabo Pela Jesu Kriste, hoang lithoko. Lefatshe le phetse binang kajeno Teboho ea ‘nete e be ho Jesu. Moshoeli oa rona o tsoa lebitleng O re neha matla a ho tsoa sebeng. O sa hlotse lefu re ba hae bohle ‘Me […]

Batho re thabile

Batho re thabile joale Ho hlahile taba e ntle Morena o re hopotse O re ratile ka ‘nete Tsatsi la hae le chabile Le tshelisa basa boneng, Le tiisa ba fokotseng, Ke tshepo ea batho bohle. Jesu ka letsatsi lena Ke leseli […]

Bakriste re loantseng

Bakriste re loantseng lira tsa rona tsohle, Re tla li hlola hang bana ba Maria; E, re ‘mitseng mona lefatseng la mahloko; Ke eena ‘M’a Jesu, ke eena ‘M’a batho. Mofumahali oa hlolo, U hlotse lihele tsohle; Re etseng hammoho hle, Sefela […]

Bakriste a re beng le tshepo

Bakriste a re beng le tshepo E nolofatsang bohloko; Re talingoa ke leholimo Le re etselitseng mohau. Lebitso la Movirigo Le se le tsejoa ke rona: Ke la ‘M’a rona Maria, Ke eena ka ‘nete Mofumahali oa hlolo. Ka mehla le mehla […]

Ahe Maria

Ahe Maria, Ahe Maria Ea senang sekoli Tshepo ea balumeli Ahe Maria, Maria. Mè ea senang sekoli Uena ‘M’a’Mokoli. Re qelle bohloeki Ba mmele le ba moea. Oho ‘Ma Baapostola Re qelle cheseho Le matla a moea Ho phetha litśoanelo. Re loanele, […]

Ahe ‘Me oa Lesotho

Ahe! Ahe! Maria oa Lesotho Ahe! Ahe! Ahe Mofumahali Ahe ‘Me oa Lesotho Ea mosa, ea lerato Re tlile ka lithoriso Mamela thoko tsena Oho hle li fetisetse Ho Mora oa hao ea ratehang Oho ‘Me ea ratehang U ile ua etela […]